-
1 Dikronike 29:18, 19Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
18 Jehova Modimo wa Abrahama, Isaka le Iseraele e leng baholoholo ba rona, thusa batho ba hao hore ba dule ba nahana le ho ikutlwa ka tsela ena ka dipelong tsa bona ka ho sa feleng le hore ba o sebeletse ka dipelo tsohle tsa bona.+ 19 Etsa hore mora wa ka Solomone a batle ho o sebeletsa ka pelo yohle+ e le hore a mamele ditaelo,+ dikgopotso le melao ya hao mme a etse dintho tsena tsohle a be a hahe tempele* ka dintho tseo ke di lokisitseng.”+
-