9 Ha Morena Ezekiase a ena le dilemo tse nne a busa, ha Hoshea mora wa Ela morena wa Iseraele a ena le dilemo tse supileng a busa,+ Morena Shalmanesere wa Asiria a tla Samaria a e thibella.+
25Ka la leshome kgweding ya leshome ha Morena Tsedekia a ena le dilemo tse robong a busa, Morena Nebukadnezare*+ wa Babilona a tla le masole ohle a hae mme a hlasela Jerusalema.+ A hloma ditente pela yona mme a haha lebota le thibellang ho e potoloha.+
32Ka mora dintho tsena tseo Ezekiase a ileng a di etsa ka botshepehi,+ Morena Sankeribe wa Asiria a hlasela Juda. A dikadiketsa metse e sireleditsweng ka marako hobane o ne a batla ho thuha marako a yona le ho e hapa.+
39Ka kgwedi ya leshome ha Morena Tsedekia wa Juda a ena le dilemo tse robong a busa, Morena Nebukadnezare* wa Babilona le masole ohle a hae ba tla Jerusalema mme ba e thibella.+