Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Jeremia 7:23, 24
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 23 Empa ke ile ka ba fa taelo ena: “Mamelang lentswe la ka. Ke tla ba Modimo wa lona, le be setjhaba sa ka.+ Le lokela ho tsamaya tseleng yohle eo ke le laelang hore le tsamaye ho yona e le hore dintho di ka le tsamaela hantle.”’+ 24 Empa ha ba a ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe.+ Ho ena le hoo ba ile ba latela mehopolo* ya bona, ka manganga ba latela dipelo tsa bona tse kgopo+ yaba ba ya morao eseng pele,

  • Jeremia 11:7, 8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 Etswe ke buile le baholoholo ba lona ka thata mohla ke neng ke ba ntsha Egepeta ka re: “Mamelang lentswe la ka.” Ke fane ka keletso ena ka makgetlo* ho fihlela letsatsing lena.+ 8 Empa ha ba a ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe. Ho ena le hoo, kaofela ha bona ba ne ba le manganga mme ba nna ba latela dipelo tsa bona tse kgopo.+ Ka hoo, ka ba fa kotlo ho ya ka mantswe ohle a selekane sena ao ke ba laetseng hore ba a phethe yaba ba hana ho a phetha.’”

  • Mikea 6:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Le mamela melao ya Omri ebile le etsa dintho tseo ditloholo tsa Akabe di di etsang.+

      Le latela dikeletso tsa bona.

      Ke ka lebaka leo ke tla etsa hore ha batho ba le bona ba tshohe

      Ke be ke etse hore batho ba le some.+

      Ditjhaba tse ding di tla le nyefola.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela