-
Esaia 2:2, 3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
Thaba eo ntlo ya Jehova e leng ho yona
E tla tiiswa ka thata ka hodima ditlhoro tsa dithaba,+
E phahamele maralla.
Ditjhaba tsohle di tla phallela ho yona.+
3 Ditjhaba tse ngata di tla ya ebe di re:
“Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova,
Ntlong ya Modimo wa Jakobo.+
O tla re ruta ditsela tsa hae
Ebe re tsamaya ditseleng tsa hae.”+
Molao o tla tswa Sione
Le lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.+
-
-
Tshenolo 7:9, 10Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
9 Ka mora moo, ka bona bongata bo boholo ba batho boo ho neng ho se motho ya ka bo balang. E ne e le batho ba ditjhaba tsohle, maloko ohle, merabe yohle le dipuo tsohle.+ Ba ne ba eme ka pela terone le Konyana, ba apere diaparo tse telele tse tshweu+ mme ba tshwere makala a palema.+ 10 Ba ne ba hweletsa ba re: “Re pholositswe ke Modimo wa rona ya dutseng teroneng,+ le Konyana.”+
-