16 Ya bohlale le ya se nang kelello ka bobedi qetellong ba tla lebalwa.+ Ka moso bohle ba tla be ba lebetswe. Ya bohlale o tla shwa jwalo ka ya se nang kelello.+
10 Hape ke ile ka bona ha batho ba kgopo ba ntse ba patwa mabitleng a bona. Ba ne ba tlwaetse ho kena le ho tswa sebakeng se halalelang empa ba ile ba lebalwa kapele motseng oo ho wona ba neng ba etsa bokgopo.+ Hoo le hona ke lefeela.
5 Etswe ba phelang ba a tseba hore ba tla shwa.+ Empa ba shweleng ha ba tsebe letho ho hang+ hape ha ba sa na moputso hobane dintho tseo ba neng ba ka hopolwa ka tsona di lebetswe.+