Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Pesaleme 53:sehloohwana-6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • Ho motsamaisi. E binwe ka mokgwa wa Mahalathe.* Maskile.* Pesaleme ya Davida.

      53 Ya se nang kelello o re ka pelong ya hae:

      “Jehova ha a yo.”+

      Ba etsa dintho tse mpe le tse nyonyehang.

      Ha ho na ya etsang dintho tse ntle.+

       2 Empa Modimo o shebile bara ba batho a le lehodimong+

      Ho bona hore na ho na le ya nang le kutlwisiso kapa ya ntseng a batla Jehova.+

       3 Bohle ba kgelohile.

      Kaofela ba etsa dintho tse mpe.

      Ha ho na ya etsang dintho tse ntle,

      Ha ho le ya mong.+

       4 Ke hobaneng ha batho ba etsang dintho tse mpe ba se na kutlwisiso?

      Ba fedisa setjhaba sa ka ha bonolo jwalo ka ha eka ba ja bohobe.

      Ha ba rapele Jehova.+

       5 Empa ba tla tshoha haholo,

      Ba tla tshoha ka tsela eo ba eso ka ba tshoha ka yona*

      Hobane Modimo o tla hasanya masapo a ba le hlaselang.

      O tla ba hlabisa dihlong ka ha Jehova o ba lahlile.

       6 E se eka poloko ya Iseraele e ka tswa Sione.+

      Ha Jehova a kgutlisa batho ba hae botlamuweng,

      Jakobo a ke a thabe, Iseraele a ke a nyakalle.

  • Baroma 3:10-12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Feela jwalo ka ha ho ngodilwe: “Ha ho motho le ya mong ya lokileng,+ 11 ha ho ya nang le temohisiso, ha ho ya batlang Modimo. 12 Batho bohle ba kgelohile, kaofela ha bona ha ba sa na thuso, ha ho le ya mong wa bona ya mosa.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela