-
Baheberu 3:7-11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Ka lebaka lena, moya o halalelang o re:+ “Haeba le mamela lentswe la ka kajeno, 8 le se ke la ba manganga jwalo ka baholoholo ba lona mohla ba neng ba nkgalefisa haholo le jwalo ka mohla ba neng ba nteka lefeelleng.+ 9 Baholoholo ba lona ba ile ba nteka le hoja ba bone mesebetsi ya ka ka dilemo tse 40.+ 10 Ka lebaka lena, ke ile ka nyonya moloko oo yaba ke re: ‘Setjhaba sena se dula se ntlhanohela ka dipelong tsa sona. Ha se tsebe ditsela tsa ka.’ 11 Ka hoo, ka ikana ke halefile ka re: ‘Ba ke ke ba phomola le nna.’”+
-