9 Empa lona le “batho ba kgethilweng, baprista bao e leng marena, setjhaba se halalelang+ le batho bao Modimo a ba nkang e le ba bohlokwa.+ Le kgethetswe hore le phatlalatse mesebetsi e metle”+ ya* ya ileng a le ntsha lefifing a le tlisa kganyeng ya hae.+
6 Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng. Le ne le phatlalatsa ditaba tse monate tse sa feleng, le di bolella batho ba dulang lefatsheng, ba merabe yohle, ditjhaba tsohle, maloko ohle le dipuo tsohle.+