-
Diketso 13:34-37Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
34 Modimo o ile a mo tsosa a se a ke ke a kgutlela mmeleng o ka bolang. A tiisa hore taba ena ke nnete ha a re: ‘Ke tla le fa lerato la sebele* leo ke le tshepisitseng Davida. Tshepiso ena e tla phethahala.’*+ 35 Pesaleme e nngwe e re: ‘O ke ke wa dumella motho ya o tshepahallang hore a bolle lebitleng.’+ 36 Davida o ile a sebeletsa Modimo* ha a sa ntse a phela. O ile a shwa a ba a patwa le baholoholo ba hae empa o ile a bola.+ 37 Motho eo Modimo a mo tsositseng yena ha a ka a bola.+
-