7 Modimo, pelo ya ka e a tshepahala,+
Pelo ya ka e a tshepahala.
Ke tla bina ke be ke letse mmino.
8 Tsoha, kganya ya ka.
Tsoha, wena seletsa se dikgwele le wena harepa.
Ke tla tsoha ka meso.+
9 Jehova, ke tla o rorisa hara ditjhaba,+
Ke o binele dithoriso hara ditjhaba.+
10 Lerato la hao le leholo, le fihla hodimo mahodimong+
Le botshepehi ba hao bo fihla mahodimong.
11 Modimo, bontsha boholo ba hao mahodimong.
E se eka kganya ya hao e ka ba lefatsheng lohle.+