Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 32:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 O se ke wa dumella Baegepeta hore ba re, ‘O ne a ena le morero o mobe ha a ntsha Baiseraele Egepeta. O ne a batla ho ba bolaela dithabeng le ho ba fedisa lefatsheng.’+ Kokobetsa kgalefo ya hao mme o fetole* qeto ya hao ya ho tlisetsa setjhaba sa hao tlokotsi.

  • Numere 14:15, 16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Haeba o ka bolaya setjhaba sena kaofela ka nako e le nngwe,* ditjhaba tse utlwileng ka botumo ba hao di tla re: 16 ‘Jehova o ne a sa kgone ho kenya setjhaba sena naheng eo a ileng a ikana hore o tla se fa yona. Ka hoo, o se bolaetse lefeelleng.’+

  • Deuteronoma 32:26, 27
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 26 Nka be ke itse: “Ke tla ba hasanya,

      Ke tla etsa hore batho ba ba lebale,”

      27 Hoja ebe ke ne ke sa tshabe hore na sera sa ka se tla reng+

      Hobane bahanyetsi ba ka utlwisisa sena ka tsela e fosahetseng.+

      Ba ka nna ba re: “Re hlotse ka matla a rona,+

      Ha se Jehova ya entseng sena sohle.”

  • Pesaleme 79:10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Ke hobaneng ha ditjhaba di lokela ho re: “O hokae Modimo wa bona?”+

      E se eka re ka bona ha o tsebisa ditjhaba

      Hore o ipheteditse ho ba bolaileng bahlanka ba hao.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela