Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 14:21
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Moshe a otlollela letsoho hodima lewatle.+ Jehova a tjhetjhisetsa lewatle morao ka moya o matla wa botjhabela bosiu bohle, ho etsa hore bodiba ba lewatle ebe mobu o ommeng+ mme metsi a arohana.+

  • Numere 11:31
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 31 Moya o tswang ho Jehova wa foka ka matla mme wa kganna dikwekwe* ho tloha lewatleng, wa di dihela hohle ho potoloha diahelo.+ Boholo ba sebaka seo di neng di se kwahetse ka mahlakoreng ohle a diahelo e ne e ka ba leeto la letsatsi mme di ne di tletse hoo di neng di ka etsa mithara* ho tloha fatshe.

  • Jeremia 10:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Lentswe la hae le etsa hore

      Metsi a mahodimong a lwebehlane,+

      O etsa hore maru* a nyolohe ho tswa dikgutlong tsa lefatshe.+

      O etsa lehadima* bakeng sa pula

      Mme o bulela moya moo a o kwaletseng teng.*+

  • Jeremia 51:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Lentswe la hae le etsa hore

      Metsi a mahodimong a lwebehlane,

      O etsa hore maru* a nyolohe ho tswa dikgutlong tsa lefatshe.

      O etsa lehadima* bakeng sa pula

      Mme o bulela moya moo a o kwaletseng teng.*+

  • Jonase 1:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 Yaba Jehova o etsa hore ho be le moya o matla lewatleng mme ha tsoha sefefo se matla hoo sekepe se neng se le haufi le ho swahlamana.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela