-
Exoda 8:6Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
6 Arone a otlollela letsoho hodima metsi a Egepeta mme dinqanqane tsa nyoloha le ho kwahela naha ya Egepeta.
-
-
Exoda 9:10Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
10 Ba nka molora ka seboping mme ba ema ka pela Faro. Moshe a o hasanya moyeng mme wa fetoha mathopa a tswang boladu hodima batho le diphoofolo.
-
-
Exoda 10:12Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
12 Jehova a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima naha ya Egepeta e le hore ditsie di ka nyolohela ho yona mme di je dimela tsohle tsa naha, di je dintho tsohle tse siilweng ke sefako.”
-
-
Exoda 10:21Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
21 Jehova a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong e le hore ho ka ba le lefifi naheng ya Egepeta, lefifi le letsholetsho.”
-