Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Pesaleme 115:4-8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  4 Ditshwantsho tsa bona tseo ba di rapelang di entswe ka silevera le kgauta,

      Di entswe ke batho.+

       5 Di na le melomo empa ha di bue.+

      Di na le mahlo empa ha di bone.

       6 Di na le ditsebe empa ha di utlwe.

      Di na le dinko empa ha di fofonele.

       7 Di na le matsoho empa ha di tshware.

      Di na le maoto empa ha di tsamaye.+

      Ha di ntshe modumo ka mmetso ya tsona.+

       8 Batho ba di etsang ba tla tshwana le tsona+

      Le bohle ba di tshepang ba tla tshwana le tsona.+

  • Esaia 46:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Ho na le batho ba ntshang kgauta e ngata dipatjheng tsa bona.

      Ba bekga silevera sekaleng.

      Ba hira motho ya sebetsang ka tshepe ebe o etsa modimo ka silevera eo.+

      Ba itihela fatshe ka difahleho, ba a o rapela.*+

  • Diketso 17:29
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 29 Ka ha re bana ba Modimo,+ ha re a tshwanela ho nahana hore Modimo o tshwana le setshwantsho sa kgauta, silevera kapa lejwe. Ha a tshwane le dintho tseo batho ba iqapetseng tsona yaba ba di etsa ka matsoho a bona.+

  • 1 Bakorinthe 10:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Na ke re ntho e hlabetsweng setshwantsho se rapelwang e bohlokwa kapa sona setshwantsho se bohlokwa?

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela