Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Pesaleme 18:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Ha ke le mathateng ke ile ka bitsa Jehova,

      Ka nna ka llela ho Modimo wa ka ho kopa thuso.

      O ile a utlwa lentswe la ka a le tempeleng ya hae,+

      A nkutlwa ha ke lla ke kopa thuso.+

  • Jonase 2:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  7 Ha ke ne ke le makgatheng a lefu, Jehova ke yena eo ke ileng ka mo hopola.+

      Yaba thapelo ya ka e fihla ho wena tempeleng ya hao e halalelang.+

  • Matheu 26:38, 39
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 38 A re ho bona: “Ke saretswe haholo hoo nka nnang ka shwa. Dulang mona le fadimehe le nna.”+ 39 A ya pejana, a kgumama sefahleho se shebile fatshe, a rapela a re:+ “Ntate, haeba ho kgoneha, senwelo sena+ se ke se mphete. Empa ho ke ho etsahale thato ya hao eseng ya ka.”+

  • Mareka 15:34
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 34 Ka hora ya boraro mantsiboya* Jesu a hweletsa a re: “Eli, Eli, lama sabakthani?” e bolelang: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng?”+

  • Baheberu 5:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 Ha Kreste a ntse a le lefatsheng, o ile a etsa dithapelo tse matla le dikopo tse tswang pelong tse yang ho Modimo ya neng a kgona ho mo pholosa lefung. O ile a etsa dithapelo le dikopo tseo a hweleditse a bile a lla+ mme dithapelo tsa hae di ile tsa utluwa hobane o ne a hlompha Modimo.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela