-
Nehemia 9:17Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
17 Ba ile ba hana ho mamela,+ ba lebala diketso tsa hao tse hlollang tseo ba ileng ba bona ha o di etsa. Ba eba manganga* mme ba kgetha moetapele hore ba kgutlele bokgobeng ba bona Egepeta.+ Empa ka ha o Modimo ya ikemiseditseng ho tshwarela,* ya utlwelang batho bohloko le ya mohau,* ya diehang ho halefa le ya lerato,*+ ha o a ka wa ba lahla.+
-