Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 19:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Haeba le tla mmamela dinthong tsohle mme le boloke selekane* sa ka, le tla ba thepa ya ka e kgethehileng* hara ditjhaba tsohle+ hobane lefatshe lohle ke la ka.+

  • Exoda 31:16, 17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Baiseraele ba lokela ho boloka Sabatha. Ba boloke Sabatha melokong yohle ya bona. Ke selekane se tla dula se le teng. 17 Ke pontsho e tla dula e le teng pakeng tsa ka le setjhaba sa Iseraele+ hobane Jehova o entse mahodimo le lefatshe ka matsatsi a tsheletseng mme a phomola ka letsatsi la bosupa, a thabile ka lebaka la mosebetsi wa hae.’”+

  • Deuteronoma 4:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Hape ke setjhaba sefe se seholo se nang le melao e lokileng le ditaelo tse jwalo ka Molao oo wohle oo ke le fang wona kajeno?+

  • 1 Dikronike 17:21
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Ke setjhaba sefe lefatsheng se tshwanang le setjhaba sa hao sa Iseraele?+ Wena Modimo wa nnete, o ile wa se lopolla hore e be setjhaba sa hao.+ O iketseditse lebitso ka diketso tsa hao tse kgolo le tse makatsang,+ wa leleka ditjhaba ka pela batho ba hao+ bao o ba lopolotseng Egepeta.

  • Baroma 3:1, 2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Molemo wa ho ba Mojuda ke ofe kapa molemo wa lebollo ke ofe? 2 Ho na le melemo e mengata. Wa pele ke hore ba ile ba fuwa melaetsa e halalelang ya Modimo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela