-
Baheberu 11:32-34Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
32 Na ho hlokahala hore ke nne ke tswele pele? Ke tla fellwa ke nako haeba nka bua ka Gideone,+ Barake,+ Samsone,+ Jafeta,+ Davida+ ha mmoho le Samuele+ le baprofeta ba bang. 33 Ka ha ba ne ba ena le tumelo, ba ile ba hlola marena,+ ba etsa hore ho be le toka, ba etsetswa ditshepiso,+ ba kwala melomo ya ditau,+ 34 ba tima mollo o bohale,+ ba phonyoha sabole,+ ba fuwa matla ha ba ne ba fokola,+ ba eba matla ha ba le ntweng+ hape ba qhalakanya mabotho a ba direng.+
-