LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Mareka 15:24
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 24 A mo kgokgothela palong yaba a aba diaparo tsa hae ka ho lahla lotho.+

  • Luka 23:34
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 34 Empa Jesu a re: “Ntate, o ba tshwarele hobane ha ba tsebe hore na ba etsang.” Yaba masole ao a lahla lotho e le hore a arolelane diaparo tsa hae.+

  • Johanne 19:23, 24
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 23 Ka mora hore masole a kgokgothele Jesu palong, a nka diaparo tsa hae a di tabola dikarolo tse nne, lesole ka leng la nka karolo ya lona. A nka le seaparo sa hae sa ka hare. Empa sona se ne se se na moroko, se lohilwe ho tloha hodimo ho ya tlase. 24 Masole ao a re: “A re se keng ra se tabola, re lahle lotho hore re tle re bone hore na e tla ba sa mang.”+ Ka ho etsa dintho tsena, a ne a phethahatsa lengolo le reng: “Ba arolelana diaparo tsa ka, ba lahla lotho bakeng sa diaparo tsa ka.”+ Masole a ile a fela a etsa dintho tsena.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share