15 Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ya hao?
Ke mang ya ka dulang thabeng ya hao e halalelang?+
2 Ke ya se nang molato,+
Ya etsang dintho tse lokileng+
Ebile a bua nnete ka pelong ya hae.+
3 Ha a etselletse ka leleme la hae,+
Ha a etse letho le lebe ho moahisani wa hae+
Ebile ha a bue hampe ka metswalle ya hae.+
4 Ha a amohele mang kapa mang ya etsang dintho tse mpe+
Empa o hlompha ba tshabang Jehova.
O phethahatsa ditshepiso tsa hae le haeba seo se ka etsa hore dintho di se ke tsa mo tsamaela hantle.+
5 Ha a adimane ka tjhelete ya hae ka phaello+
Ebile ha a nke tjotjo e le hore a qose ya se nang molato.+
Ya etsang dintho tsena a ke ke a sisinngwa le ka mohla.+