Deuteronoma 24:19 Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha 19 Ha o kotula tshimong ya hao mme o lebetse ngata tshimong, o se ke wa kgutla ho ya e nka. E lokela ho salla moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi+ e le hore Jehova Modimo wa hao a ka o hlohonolofatsa dinthong tsohle tseo o di etsang.+ Pesaleme 145:15 Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha 15 Dintho tsohle tse phelang di tshepetse ho wena. O di fa dijo tsa tsona ka nako ya teng.+ Diproverbia 10:3 Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha 3 Jehova a ke ke a bolaisa ya lokileng tlala+Empa o tla hanela ba kgopo ka ntho eo ba e batlang.
19 Ha o kotula tshimong ya hao mme o lebetse ngata tshimong, o se ke wa kgutla ho ya e nka. E lokela ho salla moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi+ e le hore Jehova Modimo wa hao a ka o hlohonolofatsa dinthong tsohle tseo o di etsang.+