Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Deuteronoma 15:7, 8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 Haeba e mong wa bana ba bo lona a futsaneha ho o mong wa metse ya lona naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona kapa la tima ngwanabo lona wa mofutsana.+ 8 Le fane+ mme le mo adime eng kapa eng eo a e hlokang kapa eo a se nang yona.

  • Pesaleme 112:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  9 O fane ka dintho tseo a nang le tsona ka pelo yohle. O di file bafutsana.+

      צ [Tsade]

      Diketso tsa hae tse lokileng di ke ke tsa lebalwa.+

      ק [Qoph]

      Matla a hae a tla eketseha* mme o tla hlompheha.

  • Diproverbia 14:21
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Ya nyatsang moahisani wa hae o etsa sebe

      Empa mang kapa mang ya qenehelang mofutsana o a thaba.+

  • Diproverbia 22:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  9 Motho ya fanang* o tla hlohonolofatswa

      Hobane o arolelana dijo tsa hae le bafutsana.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela