-
Esthere 9:24, 25Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
24 Hamane+ mora wa Hamedatha wa Moagage,+ sera sa Bajuda bohle, o ne a rerile ho timetsa Bajuda+ mme o ne a entse hore ho lahlwe Pure+ e leng Lotho, bakeng sa ho ba hlokisa botsitso le ho ba fedisa. 25 Empa ha Esthere a fihla ho morena, morena a fana ka molao o ngotsweng+ o reng: “Ntho e mpe eo a neng a e reretse Bajuda+ e ke e etsahale ho yena.” Yaba ba mo fanyeha palong le bara ba hae.+
-