-
1 Marena 4:29-31Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
29 Modimo a fa Solomone bohlale, temohisiso le kutlwisiso ka bongata bo kang ba lehlabathe le lebopong la lewatle.+ 30 Solomone o ne a le bohlale ho feta batho bohle ba Botjhabela le batho bohle ba Egepeta.+ 31 O ne a le bohlale ho feta motho le ha e le ofe, a le bohlale le ho feta Ethane+ wa Moezra, Hemane,+ bara ba Mahole e leng Kalkole+ le Darda. O ile a tuma ditjhabeng tsohle tse haufi.+
-
-
2 Dikronike 1:10-12Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
10 Mphe bohlale le tsebo+ e le hore nka etella setjhaba sena pele* ka ha ha ho motho ya ka kgonang ho ahlola setjhaba sena sa hao se seholo.”+
11 Modimo a re ho Solomone: “Ka ha sena ke seo o se batlang mme ha o a kopa maruo, ho hlomphuwa kapa hore ba o hloileng ba shwe ebile ha o a kopa hore o phele nako e telele* empa o kopile bohlale le tsebo e le hore o ahlole setjhaba sa ka seo ke o entseng morena wa sona,+ 12 ke tla o fa bohlale le tsebo, ke o fe le maruo le tlotla tseo ho se nang morena ya kileng a ba le tsona pele ho wena le tseo ho se nang morena ya tla ba le tsona ka mora hao.”+
-