-
1 Marena 9:17-19Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
17 Solomone a haha Gezere, Bethe-horone e ka Tlase,+ 18 Baalathe+ le Tamare lefeelleng, ka hara naha ya hae 19 ha mmoho le metse yohle ya Solomone ya polokelo, metse ya dikariki,+ metse ya bapalami ba dipere le ntho e nngwe le e nngwe eo Solomone a neng a batla ho e haha Jerusalema, Lebanone le metseng yohle eo a neng a e busa.
-
-
2 Dikronike 9:15, 16Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Morena Solomone a etsa dithebe tse kgolo tse 200 tsa kgauta e kopantsweng le tshepe.+ (Thebe ka nngwe e ne e entswe ka dikhilokramo tse ka bang supa* tsa kgauta e kopantsweng le tshepe.)+ 16 A etsa le dithebe tse nyenyane* tse 300 tse entsweng ka kgauta e kopantsweng le tshepe. (Thebe ka nngwe e ne e entswe ka kgauta ya boima ba dikhilokramo tse ka bang pedi.*) Morena a di beha ka hara Ntlo ya Moru wa Lebanone.+
-