Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Moeklesia 3:19, 20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Ntho e etsahallang motho e etsahalla le phoofolo. Jwalo ka ha phoofolo e shwa, motho o shwa ka mokgwa o tshwanang.+ Kaofela ba na le moya o le mong.+ Ka hoo, motho ha a phahamela phoofolo hobane ntho e nngwe le e nngwe ke lefeela. 20 Kaofela ba ya sebakeng se le seng.+ Kaofela ba tswa leroleng+ mme kaofela ba kgutlela leroleng.+

  • Moeklesia 9:2, 3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 2 Ba lokileng le ba kgopo,+ ba molemo, ba hlwekileng le ba sa hlwekang, ba etsang sehlabelo le ba sa se etseng, kaofela ba hlahelwa ke ntho e tshwanang.+ Ya lokileng o tshwana le moetsadibe, ya etsang kano a sa nahane o tshwana le ya hlokolosi ha a etsa kano. 3 Ntho ena e etsahalang lefatsheng* e a nyahamisa: Dipelo tsa batho di tletse bobe hobane kaofela ba hlahelwa ke ntho e tshwanang.+ Hape dipelo tsa bona di tletse bohlanya ha ba sa ntse ba phela ebe ka mora moo ba a shwa.*

  • Moeklesia 9:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Ke hlokometse ntho e nngwe hape lefatsheng* hore ha se ka mehla ba lebelo ba hlolang peisong. Ha se ka mehla ba matla ba hlolang ntweng.+ Ha se ka mehla ba bohlale ba nang le dijo kapa maruo.+ Hape ha se ka mehla ba nang le tsebo ba atlehang+ hobane kaofela ba hlahelwa ke dintho ka tshohanyetso ka nako eo ba sa e lebellang.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela