6 Morena Roboame a buisana le banna ba baholo* ba neng ba sebeletsa ntate wa hae Solomone ha a ntse a phela a re: “Le ka nkeletsa hore ke reng ho setjhaba see?”
8 Roboame a se ke a mamela keletso eo banna ba baholo ba ileng ba mo fa yona empa o ile a buisana le bahlankana bao a hotseng le bona bao e neng e se e le basebeletsi ba hae.+
9 Morena Shishake wa Egepeta a hlasela Jerusalema. A nka matlotlo a ntlo ya Jehova+ le a ntlo ya morena.* A nka le dintho tsohle ho akarelletsa le dithebe tsa kgauta tseo Solomone a neng a di entse.+