Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Deuteronoma 12:18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 Dintho tsena le tla di jella ka pela Jehova Modimo wa lona sebakeng seo Jehova Modimo wa lona a tla se kgetha,+ lona le bara ba lona, baradi ba lona, basebeletsi ba lona ba banna le ba basadi le Balevi ba ka hara metse* ya lona mme le tla thaba ka pela Jehova Modimo wa lona mesebetsing yohle eo le e entseng.

  • Moeklesia 3:22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 Hape ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a thabele mosebetsi wa hae+ ka ha ke moputso wa* hae. Ke mang ya ka etsang hore motho a bone tse tla etsahala ha a se a shwele?+

  • Moeklesia 8:15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Ka hoo, ke ile ka kgothaletsa batho ho thaba+ hobane lefatsheng* ha ho na letho le molemo bakeng sa motho ho feta hore a je, a nwe mme a thabe. O lokela ho etsa dintho tsena ha a ntse a sebetsa ka thata nakong ya matsatsi a bophelo ba hae+ boo Modimo wa nnete a mo fang bona lefatsheng.*

  • Diketso 14:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Empa o ile a ipaka+ hore na ke Modimo ya jwang ka ho etsa dintho tse ntle, a le fa dipula le tjhai ka nako ya tsona,+ a le fa dijo hore le je ho fihlela le kgotsofetse a ba a etsa hore le thabe.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela