-
Moeklesia 5:18, 19Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
18 Ke bone ho lokile ho bile ho le molemo hore motho a je a be a nwe. A thabele mosebetsi wohle wa hae o boima+ oo a o etsang ka thata lefatsheng nakong e kgutshwanyane ya bophelo ba hae boo Modimo wa nnete a mo fileng bona. Ke moputso* wa hae.+ 19 Hape ha Modimo wa nnete a fa motho maruo le matlotlo+ ha mmoho le bokgoni ba hore a a thabele, o lokela ho nka moputso* wa hae mme a thabele mosebetsi wa hae o boima. Ena ke mpho ya Modimo.+
-