Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 1 Marena 4:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 Solomone o ne a ena le matona a 12 Iseraele yohle, a neng a fa morena le ba lelapa la hae dijo. Letona le leng le le leng le ne le fana ka dijo kgwedi e le nngwe selemong.+

  • 1 Marena 4:22, 23
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 Dijo tsa Solomone tsa letsatsi le leng le le leng e ne e le dilithara tse 6 600* tsa phofo e sitsweng hantle le dilithara tse 13 200* tsa phofo, 23 dikgomo tse nonneng tse leshome, dikgomo tse 20 tse fudisitsweng le dinku tse 100, ntle ho dikgama, ditshephe, matsa le mauwaneng* a nonneng.

  • 1 Marena 10:4, 5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 Ha mofumahadi wa Sheba a bona ka moo Solomone a leng bohlale ka teng,+ a bona ntlo eo a e hahileng,+ 5 dijo tse tafoleng ya hae,+ tsela eo bahlanka ba hae ba dutseng ka yona, basebeletsi ba hae ba fanang ka dijo tafoleng le tsela eo ba apereng ka yona, baqhatsetsi ba hae le mahlabelo a hae a setjheso ao a neng a a etsa ka mehla ntlong ya Jehova, a sala a maketse.

  • 1 Marena 10:21
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Dikopi tsohle tsa Morena Solomone di ne di entswe ka kgauta mme disebediswa tsohle tsa Ntlo ya Moru wa Lebanone+ di entswe ka kgauta. Ho ne ho se na letho le neng le entswe ka silevera hobane e ne e nkwa e se letho mehleng ya Solomone.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela