-
1 Marena 22:8Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
8 Morena wa Iseraele a re ho Josafate: “Ho na le monna e mong eo re ka mo botsang hore na Jehova o reng ka taba ena.+ Empa ke mo hloile+ hobane ha ho na mohla a profetang dintho tse ntle ka nna, o dula a profeta tse mpe feela.+ Ke Mikaia mora wa Imla.” Josafate a re: “Morena ha a lokela ho bua ka tsela ena.”
-
-
2 Dikronike 25:15, 16Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Jehova a halefela Amazia mme a romela moprofeta hore a re ho yena: “Ke hobaneng ha o rapela medimo e hlolehileng ho lwanela batho ba yona?”+ 16 Ha moprofeta a ntse a bua, morena a re: “Ho tloha neng o le moeletsi wa ka?+ Thola!+ Ho seng jwalo ke tla o bolaya.” Moprofeta a thola empa a re: “Ke a tseba hore Modimo o tlo o bolaya hobane o entse ketso ena, ha o a mamela keletso ya ka.”+
-