4 Ditshwantsho tsa bona tseo ba di rapelang di entswe ka silevera le kgauta,
Di entswe ke batho.+
5 Di na le melomo empa ha di bue.+
Di na le mahlo empa ha di bone.
6 Di na le ditsebe empa ha di utlwe.
Di na le dinko empa ha di fofonele.
7 Di na le matsoho empa ha di tshware.
Di na le maoto empa ha di tsamaye.+
Ha di ntshe modumo ka mmetso ya tsona.+
8 Batho ba di etsang ba tla tshwana le tsona+
Le bohle ba di tshepang ba tla tshwana le tsona.+