LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Pesaleme 29:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Jehova o tla fa batho ba hae matla.+

      Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba hae ka ho ba fa kgotso.+

  • Esaia 40:26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 26 Phahamisetsang mahlo lehodimong mme le bone.

      Ke mang ya bopileng dintho tsee?+

      Ke ya di etellang pele jwalo ka lebotho a bile a di bala kaofela,

      E nngwe le e nngwe o e bitsa ka lebitso.+

      Ka lebaka la matla a hae a maholo le matla a hae a hlollang,+

      Ha ho le e nngwe ya tsona e siyo.

  • Bafilipi 4:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Ke na le matla a ho etsa dintho tsohle ka lebaka la ya mphang matla.+

  • Baheberu 11:33, 34
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 33 Ka ha ba ne ba ena le tumelo, ba ile ba hlola marena,+ ba etsa hore ho be le toka, ba etsetswa ditshepiso,+ ba kwala melomo ya ditau,+ 34 ba tima mollo o bohale,+ ba phonyoha sabole,+ ba fuwa matla ha ba ne ba fokola,+ ba eba matla ha ba le ntweng+ hape ba qhalakanya mabotho a ba direng.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share