Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Esaia 14:16, 17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Ba o bonang ba tla o tonela mahlo,

      Ba o hlahlobisise ba re,

      ‘Na eo ke yena monna ya neng a sisinya lefatshe,

      Ya neng a etsa hore mebuso e thothomele,+

      17 Ya entseng hore lefatshe le be jwalo ka lefeella,

      Ya dihileng metse ya lona+

      Le ya hanneng ho lokolla batshwaruwa ba hae hore ba ye hae?’+

  • Esaia 43:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Jehova, Molopolli wa lona,+ Mohalaledi wa Iseraele+ o re:

      “Ke tla romela lebotho Babilona, ke dihe mekwallo yohle ya dikeiti molemong wa lona,+

      Bakalde ba tla bokolla ke mahlomola+ ba le dikepeng tsa bona.

  • Esaia 49:25
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 25 Jehova o itse:

      “Esita le batshwaruwa ba monna ya matla ba tla nkwa,+

      Ba nkilweng ke mohatelli ba tla pholoswa.+

      Ke tla lwantsha ba le lwantshang,+

      Ke pholose bana ba lona.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela