LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Dikronike 36:15, 16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Jehova Modimo wa baholoholo ba bona a nna a ba lemosa ka baromuwa ba hae. O ne a ba lemosa ka makgetlo a mangata hobane a utlwela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ya hae e fediswe. 16 Empa ba ile ba soma baromuwa bao ba Modimo wa nnete,+ ba nyatsa mantswe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa kgone ho thuswa.

  • Esaia 42:24, 25
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 24 Ke mang ya nehetseng Jakobo hore e nkelwe thepa ka mahahapa

      Le ya nehetseng Iseraele ho ba tlatlapang?

      Na ha se Jehova, eo ba mo sitetsweng?

      Ba hanne ho tsamaya ditseleng tsa Hae

      Le molao* wa Hae ba ne ba sa o mamele.+

      25 Ka hoo, A nna a tshollela kgalefo ya hae ho yena,*

      Bohale ba hae le matla a ntwa.+

      Ntwa ya timetsa ntho e nngwe le e nngwe pela hae empa ha a ka a ela hloko.+

      Mollo wa mo tukela empa ha ho letho leo a neng a le tebisetsa pelong.+

  • Zakaria 1:15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Ditjhaba tse nahanang hore di sireletsehile ke di halefetse haholo+ hobane ke ne ke halefetse batho ba ka hanyenyane+ empa ditjhaba tseo tsona di ba utlwisitse bohloko haholo.”’+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share