Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Deuteronoma 31:20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 20 Ha ke ba tlisa naheng eo ke hlapanyeditseng baholoholo ba bona hore ke tla ba fa yona,+ e phallang lebese le mahe a dinotshi,+ ba jele ba kgotsofetse mme ba atlehile,*+ ba tla sebeletsa medimo e meng mme ba ke ke ba ntlhompha ebile ba tla tlola selekane sa ka.+

  • 2 Marena 17:13, 14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Jehova a nna a lemosa Baiseraele le Bajuda a sebedisa baprofeta bohle ba hae le batho bohle ba bonang dipono+ a re: “Tlohelang ho etsa dintho tse mpe!+ Le mamele ditaelo tsa ka ho ya ka melao yohle eo ke e fileng baholoholo ba lona le eo ke ileng ka le romella yona ke sebedisa bahlanka ba ka e leng baprofeta.” 14 Empa ha ba a ka ba mamela, ba ne ba le manganga* jwalo ka baholoholo ba bona ba neng ba sa bontshe tumelo ho Jehova Modimo wa bona.+

  • Nehemia 9:26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 26 Le ha ho le jwalo, ha ba a ka ba mamela yaba ba a o fetohela+ mme ba furalla Molao* wa hao. Ba bolaya baprofeta ba hao ba neng ba ba lemosa hore ba kgutlele ho wena mme ba etsa dintho tse bontshang hore ho hang ha ba o hlomphe.+

  • Esaia 1:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  4 Ho madimabe setjhaba se nang le sebe,+

      Batho ba imetsweng ke phoso,

      Sehlopha sa batho ba kgopo, bana ba bodileng.

      Ba lahlile Jehova,+

      Ba telletse Mohalaledi wa Iseraele.

      Ba mo furaletse.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela