Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Pesaleme 93:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 93 Jehova ke Morena.+

      O apere botle.

      Jehova o apere matla,

      O itlamme ka ona jwalo ka lebanta.

      Lefatshe* le tiisitswe ka thata,

      Le ke ke la sisinngwa.

  • Esaia 33:22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 Jehova ke Moahlodi wa rona,+

      Jehova ke yena ya re fang melao,+

      Jehova ke Morena wa rona.+

      Ke yena ya tla re pholosa.+

  • Mikea 4:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  7 Ke tla etsa hore ba neng ba hlotsa ba sale,+

      Ya neng a suthiseditswe hole ke mo etse setjhaba se matla.+

      Jehova o tla busa e le morena wa bona Thabeng ya Sione

      Ho tloha hona jwale ho ya ho ile.

  • Matheu 24:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Ditaba tse monate tsa Mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle hore batho ba ditjhaba tsohle+ ba di utlwe* ebe ke hona bofelo bo tlang.

  • Tshenolo 11:15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona.+ Ha utlwahala mantswe a phahameng lehodimong a reng: “Mmuso wa lefatshe e se e le Mmuso wa Morena wa rona+ le wa Kreste wa hae.+ O tla busa* e le morena ka ho sa feleng.”+

  • Tshenolo 11:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 ba re: “Re a o leboha Jehova* Modimo ya Matla Ohle, ya teng+ le ya neng a le teng hobane o sebedisitse matla a hao a maholo mme o qadile ho busa o le morena.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela