21 O tla re ka pelong:
‘Ntate wa bana baa ba ka ke mang
Ka ha ke mosadi ya shwetsweng ke bana ebile ke nyopa,
Ke hapuwe ebile ke motshwaruwa?
Ke mang ya hodisitseng bana baa?+
Ke ne ke setse ke le mong to!+
Jwale bana baa ba tswa kae?’”+
22 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:
“Ke tla phahamisetsa ditjhaba letsoho la ka
Mme ke tla phahamisetsa batho letshwao la ka.+
Ba tla tlisa bara ba hao ba ba sikile,
Ba jare baradi ba hao mahetleng a bona.+