Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Esaia 35:10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Ba lopolotsweng ke Jehova ba tla kgutla+ mme ba tle Sione ka mohoo wa thabo.+

      Ba tla rwala korone ya thabo ho ya ho ile.+

      Ba tla fumana thabo e kgaphatsehang le nyakallo,

      Mesarelo le masisapelo e tla ba pale ya maobane.+

  • Esaia 61:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  7 Le tla fumana tlhohonolofatso e imenneng habedi ho ena le ho hlajwa ke dihlong,

      Le tla hweletsa ka thabo ka lebaka la kabelo ya lona ho ena le ho tlotloloha.

      Ba tla fumana tlhohonolofatso e imenneng habedi naheng ya bona.+

      Ba tla thaba ka ho sa feleng.+

  • Jeremia 33:10, 11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Jehova o re: ‘Sebakeng sena seo le tla re ha se na letho, moo ho se nang motho kapa phoofolo le metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema tse fetohileng dithako, tse se nang motho kapa moahi kapa phoofolo, ho tla boela ho utlwahale 11 modumo wa batho ba thabileng le ba nyakaletseng,+ lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, lentswe la ba reng: “Lebohang Jehova wa mabotho hobane Jehova o molemo.+ Lerato la hae ha le fele le ka mohla.”’+

      ‘Ba tla tlisa dinyehelo tsa teboho ka tlung ya Jehova+ etswe ke tla kgutlisa batho ba hapuweng ba naha feela jwalo ka pele,’ ke Jehova ya tjhong.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela