-
Deuteronoma 28:49-51Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
49 Jehova o tla romela setjhaba se tswang hole,+ se tswang qetellong ya lefatshe hore se le hlasele, se tla le fofela jwalo ka ntsu,+ setjhaba seo le ke keng la utlwisisa puo ya sona,+ 50 setjhaba se bohale se ke keng sa qenehela motho ya tsofetseng kapa e motjha.+ 51 Se tla ja mehlape ya lona le ditholwana tsa naha ya lona ho fihlela le fedisitswe. Se ke ke sa le siela dijo, veine e ntjha kapa oli, manamane kapa dikonyana ho fihlela se le fedisitse.+
-