-
Baroma 9:31-33Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
31 Le hoja Baiseraele ba ne ba etsa dintho tse lokileng ho ya ka molao, ha ba a ka ba latela molao oo ka botlalo. 32 Hobaneng? Ba ne ba nahana hore ba tla nkwa ba lokile ka lebaka la mesebetsi ya bona eseng hobane ba ena le tumelo. Ba ile ba kgoptjwa ke “lejwe le kgopang.”+ 33 Ho jwalo ka ha ho ngodilwe ha thwe: “Bonang! Ke beha lejwe Sione,+ lejwe le kgopang le lefika le kgopisang empa ya dumelang ho lona a ke ke a phoqeha.”+
-
-
1 Petrose 2:7, 8Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Lejwe leo ke la bohlokwa ho lona hobane le dumela ho lona. Ho ba sa dumeleng ho lona ha le bohlokwa hobane Mangolo a re: “Lejwe leo dihahi di le lahlileng+ le fetohile lejwe la sekgutlo la sehlooho.”+ 8 Hape a re: “Ke lejwe le kgopang ebile ke lefika le kgopisang.”+ Ba a kgopeha hobane ha ba mamele lentswe la Modimo. Ena ke tsela eo ba tla fella ka yona.
-