8 Akaze a nka silevera le kgauta tse neng di le ka tlung ya Jehova le ka matlotlong a ntlo ya morena yaba o di romela ho morena wa Asiria e le tjotjo.+ 9 Morena wa Asiria a dumela ho mo thusa mme a yo hlasela Damaseka le ho e hapa. A isa baahi ba yona botlamuweng Kire+ yaba o bolaya Rezine.+