LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 20:3, 4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Yaba Jehova o re: “Feela jwalo ka ha mohlanka wa ka Esaia a ile a tsamaya a hlobotse, a sa rwala letho maotong ka dilemo tse tharo e le pontsho+ le temoso e yang ho Egepeta+ le Ethiopia,+ 4 morena wa Asiria o tla etella pele batlamuwa ba Egepeta+ le ba Ethiopia, bashanyana le bannabaholo ba hlobotse mme ba sa rwala letho maotong le marao a le ka ntle, e le ho tlotlolla Egepeta.

  • Jeremia 25:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Ka hoo, ka nka senwelo letsohong la Jehova mme ka nwesa ditjhaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona.+

  • Jeremia 25:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Yaba ke leba ho Faro morena wa Egepeta le bahlanka ba hae, dikgosana tsa hae, batho bohle ba hae+

  • Jeremia 43:10, 11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 O re ho bona: ‘Jehova wa mabotho e leng Modimo wa Iseraele o re: “Ke bitsa Nebukadnezare* morena wa Babilona, mohlanka wa ka.+ Ke tla beha terone ya hae hodima majwe ana ao ke a patileng mme o tla hloma tente ya hae ya borena hodima ona.+ 11 O tla tla mme a hlasele naha ya Egepeta.+ Ba bang ba tla bolawa ke lefu la sewa, ba bang ba tla haptjwa athe ba bang bona ba tla bolawa ka sabole.+

  • Ezekiele 29:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Baahi bohle ba Egepeta ba tla tseba hore ke nna Jehova

      Hobane ba ne ba tshwana le lehlaka le sa tiyang ho Baiseraele.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share