Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Esaia 5:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Ba na le harepa le seletsa se dikgwele,

      Moropa o monyenyane, lekodilo le veine meketeng ya bona.

      Empa ha ba nahane ka mosebetsi wa Jehova

      Ebile ha ba bone mosebetsi wa matsoho a hae.

  • Esaia 56:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 “Tloong! Ere ke late veine,

      A re itlopeng jwala.+

      Hosane ho tla tshwana le kajeno empa ho be monate le ho feta.”

  • Amose 6:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 6 Ho madimabe ba dutseng ba iketlile Sione,

      Ba utlwang ba sireletsehile thabeng ya Samaria,+

      Ke banna ba hlaheletseng setjhabeng,

      Bao Baiseraele ba yang ho bona.

  • Amose 6:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  4 Le robala dibetheng tse entsweng ka manaka a tlou,+ le kakalla disofeng,+

      Le ja dikonyana tsa mohlape le manamane* a nonneng.+

  • Luka 17:27
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 27 Batho ba ne ba ja, ba nwa, banna ba nyala le basadi ba nyadiswa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona+ yaba Morwallo o a fihla o ba bolaya kaofela.+

  • Jakobo 5:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Le dutse mabothobothong hape le inehella menate ya lefatshe. Dipelo tsa lona di tshwana le diphoofolo tse nontshetswang letsatsi la ho hlajwa.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela