Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Jeremia 25:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Ka hoo, ka nka senwelo letsohong la Jehova mme ka nwesa ditjhaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona.+

  • Jeremia 25:22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 marena ohle a Tire, a Sidone+ le a sehlekehleke se lewatleng,

  • Jeremia 47:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  4 Ho tla fihla letsatsi la hore Bafilista bohle ba fediswe.+

      Bohle ba neng ba thusa Tire+ le Sidone+ ba tla fediswa.

      Jehova o tla fedisa Bafilista

      Ba setseng sehlekehlekeng sa Kaftore.*+

  • Ezekiele 26:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Ka lebaka leo, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Wena Tire, ke tla o ahlola ke etse hore ditjhaba tse ngata di o lwantshe feela jwalo ka ha lewatle le nyolla maqhubu a lona.

  • Ezekiele 27:2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 2 “Wena mora motho, binela Tire kodiyamalla.*+

  • Joele 3:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  4 Lona Tire, Sidone le lona dibaka tsohle tsa Filistia,

      Le se nka kae sebete sa ho nketsa tjee?

      Na ho na le ntho e mpe eo ke le entseng yona?

      Na le a iphetetsa? Haeba ho jwalo,

      Ke tla iphetetsa ka lebaka la dintho tseo le ba entseng tsona.+

  • Amose 1:9, 10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  9 Jehova o re:

      ‘Baahi ba Tire+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse

      Hobane ba ile ba isa sehlopha sa batho ba hapuweng Edomo

      Hape ba lebetse selekane sa bana ba motho.+

      10 Ke tla romela mollo lerakong la Tire.

      O tla tjhesa ditora tsa yona tse sireleditsweng.’+

  • Zakaria 9:3, 4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  3 Tire e ikahetse lerako* hore e itshireletse.

      E bokeletse silevera jwalo ka lerole

      Le kgauta jwalo ka matlakala a diterateng.+

       4 Jehova o tla e nkela thepa ya yona,

      O tla lahlela masole a yona lewatleng+

      Mme e tla tjheswa ke mollo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela