Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Levitike 18:24
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 24 Le se ke la itshilafatsa ka ntho le ha e le efe ya tsena hobane ditjhaba tseo ke di lelekang ka pela lona di itshilafaditse ka tsona.+

  • Numere 35:33, 34
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 33 Le se ke la silafatsa naha eo le dulang ho yona hobane madi a silafatsa naha.+ Ho ke ke ha eba le tshwarelo ya dibe bakeng sa madi a tshollotsweng hodima naha, ntle le ka madi a ya a tshollotseng.+ 34 Le se ke la silafatsa naha eo le dulang ho yona, eo ke dulang ho yona hobane nna, Jehova, ke dula hara setjhaba sa Iseraele.’”+

  • 2 Dikronike 33:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 9 Manase o ne a kgelosa Bajuda le baahi ba Jerusalema, a etsa hore ba etse dintho tse mpe ho feta tse neng di etswa ke ditjhaba tseo Jehova a neng a di fedisitse ha Baiseraele ba hapa naha.+

  • Jeremia 3:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Batho ba re: “Haeba monna a leleka mosadi wa hae ebe mosadi eo o a tsamaya o nyalwa ke monna e mong, na monna wa pele a ka kgutlela ho yena hape?”

      Na naha e se e ntse e sa silafala?+

      Jehova o re: “O entse botekatse le metswalle e mengata.+

      Jwale na ka nnete o batla ho kgutlela ho nna?

  • Jeremia 23:10, 11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Etswe naha e tletse batho ba febang.*+

      Naha e swabile hobane e rohakilwe+

      Le makgulo a dithota a omeletse.+

      Diketso tsa bona di mpe ebile ba sebedisa matla a bona hampe.

      11 “Moprofeta le moprista ba silafetse.*+

      Le ka tlung ya ka ke fumane ba etsa bolotsana,”+ ke Jehova ya tjhong.

  • Dillo Tsa Jeremia 4:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 E ne e le ka lebaka la dibe tsa baprofeta ba yona, diphoso tsa baprista ba yona,+

      Ba bolayang batho ba lokileng ba ka hare ho yona.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela