Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 19:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Moshe a nyolohela ho Modimo wa nnete mme Jehova a bua le yena a le thabeng+ a re: “Sena ke seo o tla se bolella ba lelapa la Jakobo le ho se bolella Baiseraele,

  • Exoda 19:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Haeba le tla mmamela dinthong tsohle mme le boloke selekane* sa ka, le tla ba thepa ya ka e kgethehileng* hara ditjhaba tsohle+ hobane lefatshe lohle ke la ka.+

  • Exoda 24:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 A nka buka ya selekane,* a e balla setjhaba.+ Yaba se re: “Sohle seo Jehova a se boletseng re ikemiseditse ho se etsa mme re tla mo mamela.”+

  • Jeremia 31:32
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 32 Hape Jehova o re: “Se ke ke sa tshwana le selekane seo ke ileng ka se etsa le baholoholo ba bona letsatsing leo ke neng ke ba tshwere ka letsoho ho ba ntsha naheng ya Egepeta+ ‘e leng selekane sa ka seo ba ileng ba se fetohela,+ le hoja ke ne ke le monga bona.’”*

  • Jeremia 34:18-20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 ‘Ho tla etsahala tjena ka batho ba fetohetseng selekane sa ka, ba sa kang ba phetha mantswe a selekane seo ba se entseng ka pela ka ka ho seha namane ka lehare ebe ba feta pakeng tsa yona*+ 19 e leng dikgosana tsa Juda le tsa Jerusalema, diofisiri tsa lekgotla, baprista le batho bohle ba naha ba ileng ba feta pakeng tsa namane e sehilweng ka lehare: 20 Ke tla ba nehella dira tsa bona le batho ba batlang ho ba bolaya mme ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa dinonyana tsa mahodimo le dibata tsa lefatshe.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela