Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Esaia 32:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Tora e sireleditsweng ka thata e tlohetswe,

      Motse o lerata o lahlilwe kgerehlwa.+

      Ofele*+ le tora ya ho lebela di fetohile dithako,

      Ke moo ditonki tse hlaha di thallang* teng,

      Ke lekgulo la mehlape,+

  • Jeremia 9:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Ke tla etsa hore Jerusalema e be diqubu tsa majwe,+ selao sa diphokojwe,+

      Ke etse hore metse ya Juda e be dithako, e hloke baahi.+

  • Dillo Tsa Jeremia 1:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  4 Ditseleng tse yang Sione ho thotse hobane ha ho ba tlang moketeng.+

      Dikeiti tsohle tsa hae di senyehile.+ Baprista ba hae ba a fehelwa.

      Barwetsana ba hae ba utlwile bohloko mme o saretswe haholo.

  • Dillo Tsa Jeremia 2:8, 9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  8 Jehova o entse qeto ya ho senya lerako la Jerusalema.*+

      O methile marako a hae ka kgwele ya ho metha.+

      Ha a thibela letsoho la hae hore le timetse.

      O heletsa marako a sireletsang motse.

      Kaofela ha ona a wele.

      ט [Teth]

       9 Dikeiti tsa Jerusalema di tetebetse fatshe.+

      O sentse mekwallo a ba a e roba.

      Morena wa hae le dikgosana tsa hae di hara ditjhaba.+

      Ha ho ya mamelang molao.* Le baprofeta ba hae ha ba fumane pono e tswang ho Jehova.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela