-
2 Dikronike 36:15, 16Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Jehova Modimo wa baholoholo ba bona a nna a ba lemosa ka baromuwa ba hae. O ne a ba lemosa ka makgetlo a mangata hobane a utlwela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ya hae e fediswe. 16 Empa ba ile ba soma baromuwa bao ba Modimo wa nnete,+ ba nyatsa mantswe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa kgone ho thuswa.
-
-
Ezekiele 9:9, 10Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
9 A re ho nna: “Phoso ya Baiseraele le Bajuda e kgolo haholo.+ Naha e tletse polao+ le motseng ho tletse tlolo ya molao.+ Ba re, ‘Jehova o tlohile naheng ebile Jehova ha a re bone.’+ 10 Nke ke ka ba utlwela bohloko kapa ka ba qenehela.+ Ke tla etsa hore ba utlwe bohloko ka lebaka la ditlamorao tsa diketso tsa bona.”
-