LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 28:49, 50
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 49 Jehova o tla romela setjhaba se tswang hole,+ se tswang qetellong ya lefatshe hore se le hlasele, se tla le fofela jwalo ka ntsu,+ setjhaba seo le ke keng la utlwisisa puo ya sona,+ 50 setjhaba se bohale se ke keng sa qenehela motho ya tsofetseng kapa e motjha.+

  • Jeremia 4:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Sera se tla tla jwalo ka maru a pula,

      Dikariki tsa sona tsa ntwa di jwalo ka sefefo.+

      Dipere tsa sona di lebelo ho feta dintsu.+

      Re madimabe hobane re ba shweleng.

  • Dillo Tsa Jeremia 4:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Ba re lelekisang ba bile lebelo ho feta dintsu tsa mahodimo.+

      Ba re behile merebele hodima dithaba, ba re tsomeditse lefeelleng.

  • Habakuke 1:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Ke tla tlisa Bakalde,+

      Setjhaba sa batho ba sehloho le ba bohale.

      Ba tsamaya hohle lefatsheng

      E le hore ba hape dinaha tsa batho ba bang.+

  • Habakuke 1:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  8 Dipere tsa bona di lebelo ho feta mangau,

      Di bohale ho feta diphiri bosiu.+

      Dipere tsa bona tsa ntwa di a matha,

      Dipere tsa bona di tswa hole haholo.

      Ba fofa sa ntsu e potlaketseng ho ja.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share